Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Gavin Hunt o hloka tshepo sehlopheng sa hae

Mokwetlisi wa sehlopha sa Stellenbosch FC Gavin Hunt, o hlalositse ha sehlopha sa hae seso fihle boemong ba ho ema ka pela dihlopha tse pedi tse tsekang go hapa sehla.

Ha a bua ka mora hore sehlopha sa hae se hape papadi kgahlano le Sekhukhune, Hunt o hlalositse ha tsela eo sehlopha sa hae se bapalang ka yona e se boeng ba ho phepetsa Mamelodi Sundowns kapa Orlando Pirates.

“Hake nahane ha re maemong a matle ha jwale. Re lokela ho kenya matsoho a rona mohomeng hanyane,” ho realo Hunt.

Le ha sehlopha sa hae setla bapala le Sundowns pele se kopana le Pirates, Hunt o kgethile ho lepa ha sehlopha sa hae setla hlolwa ha bohloko ke Pirates e bang se tswelapele ho bapala ka tsela o se bapetseng ka yona.

“E bang reka bapala jwalo kgahlano le Pirates, batla refa dintlha tse tsheletseng. Ke sehlopha senang le dibapadi tsa boleng bo hodimo.”

“Hake nahane re kaba le monyetla wa ho ema ka pela bona.”

Stellenbosch setla thulana le Sundowns ka laboraro [22 Mmesa] e le papadi e neng e lokela ho bapala beke e fitileng.

Sundowns e tla amohela Stellenbosch lebaleng la Loftus Versfeld ka laboraro e le yona fela papadi ya Betway Premiership. Papadi eo e tla thakgoha ka 19:30.

BALA HAPE: Magesi e tswa matsetseng ka City le ho kenya Orbit le Gallants mathateng