
Ouaddou o re o kgotsofetse ke palo ya dibapadi sehlopheng
Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha a kgotsofetse ke palo ya dibapadi tseo banang le tsona sehlopheng.
Ouaddou, o buile seba jwalo ka ha nako ya ho kwalwa ha tekeno ya dibapadi e atamela ho fihla e leng 22 Lwetse.
Pirates e tekenne dibapadi tse feteng leshome sehleng sena le ha tse ding tsa tsona di adingwe dihlopha tse ding.
Ouaddou o re dibapadi tse teng sehlopheng di lokela ho bapala le ho lwanela hoba sehlopheng se qalang.
“Dibapadi di teng mme di lokela ho ipabola jwalo ka ha bana le tjheseho. Ha jwale ke thabile ka palo eo kenang le yona sehlopheng,” ho realo Ouaddou.
Ouaddou ya neng a amehile kotsi ya koloi, o bonahetse boikwetlisong ba sehlopha jwalo ka ha Pirates e ithukisetsa makgaolakgang a MTN8 le ha a ne a ne a tlamme letsoho.
Patrick Maswanganyi ya ileng a lemala pele ho kampo ya sehlopha sa naha, le yena o bonahetse boikwetlisong le sehlopha.
Pirates e tla nkana le Stellenbosch papading ya makgaolakgang a MTN8 lekgetlo la bobedi ka tatellano. Selemo se fitling Pirates e hlotse Stellenbosch ka 3 – 1 le ho hapa MTN8 lekgetlo la boraro ka tatellano.
Papadi ena, e tla bapalla lebaleng la Mbombela ka la 13 Lwetse mme e tla thakgoha ka hora ya botshelela thapama (18:00).
BALA HAPE: pirates-e-nnetefatsa-menyenyetsi-ya-kotsi-ya-koloi
