Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Nkota: Ke batla ho hlaba dintlha tse bulang mohope wa lefatshe

Hang ka mora hore lotho ya mohope wa lefatshe e bontshe ha Afrika Boroa e tla kopana le Mexico papading ya pele, sebapadi sa Bafana Bafana Mohau Nkota, o ile a tshwaela ka seo a se batlang.

Sebapadi sena sa mehleng sa Orlando Pirates se bapalang Saudi Arabia sehlopheng sa Al Ettifaq, se hlalositse ha se tseba hore e ke ke yaba mosebetsi o bonolo empa batla lwana.

Afrika Boroa e pannwe le Korea Republic, Mexico le sehlopha setla hapa lebatoweng la UEFA Playoffs-D mme papadi ya bona ya bona e tlaba e bula tlhodisano mme Nkota o hlalositse ha a batla ho hlaba ntlha papading eo e bulang.

“Nkase re ke dinaha tse bobebe, ke dihlopha tse matla empa ke nako le monyetla wa hore relo itshupa,” ho realo Nkota.

“Bakeng sa ka, ke batla ho leba moo ho hlaba dintlha. Ke batla ho hlaba dintlha tse bulang dipapadi tsa FIFA World Cup.”

Afrika Boroa le Mexico, di ile tsa kopana ka selemo sa 2010 ka nako eo Afrika Boroa e neng e tshwere mohope wa lefatshe mme papadi eo e ile ya fela ka maleka a 1 – 1.

Siphiwe Tshabalala, ke yena a ileng a hlabela Afrika Boroa ntlha, e bile e le ntlha ya pele ya tlhodisano lebaleng la FNB le neng le phophoma balatedi.

Papadi ena ya Afrika Boroa le Mexico, e tlabe e le nalane e iphethang hobane e tla bapala hantle ka letsatsi leo papadi ya pele ya 2010 e bapetseng ka lona [11 Phupjane] mme lekgetlong lena, Mexico e tlaba yona moamohedi wa Afrika Boroa.

BALA Nalane e tla iphetha ha Afrika Boroa e thulana le Mexico