Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Paul Mitchell o hlalositse bokamoso ba De Reuck ho Simba

Moemedi wa dibapadi e bile e le moemedi wa sebapadi sa Simba Rushine De Reuck, o hlalositse ha bokamoso ba sebapadi sena bo sa tsitsa sehlopheng sa Simba.

Mitchell, o hlalositse ha sebapadi sena sa mehleng sa Maritzburg United, se lebile ho Simba ka tumellano ya selemo fela.

De Reuck o lebile ho Simba a tswa ho Mamelodi Sundowns ka mora hore a kgutle naheng ya Israel ka kadimo.

Sebapadi sena sa morao se lebile ho Simba ka nako eo Fadlu Davids ya kileng a sebetsa ke yena ho Maritzburg United e neng e le mokwetlisi mme a leba le Neo Maema.

Mitchell o hlalositse ha tumellano ya De Reuck le Simba e le ya selemo mme ho sena monyetla wa ho e ntshetsa pele.

Le ha Davids a lebile Casablanca, De Reuck le Maema bantse ba tswelapele ho fumana monyetla wa ho bapala jwalo ka ha Simba e phephetsa sehla le ho bapala dipapadi tsa kontinente.

“O ile ka selemo sa ho ho lo hlwela. Ha hona monyetla wa ho eketsa. Ha ke nahane a ka dula ho feta empa retla bona,” ho realo Mitchell.

Mitchell o hlalositse ha a dumela De Reuck a bapala karolo e kgolo sehlopheng mme a tshepa a tla thusa sehlopha ho hapa mehope sehleng sena.

“O bapala ho Champions League mme ke tshepa ha a tla e hapa le ho hapa sehla le Simba.”

“Tse ding le hore ho etsahalang jwang, ke ntho tse tla bonwa ha sehla se fihla pheletsong.”

BALA HAPE: Broos o kopa tshwarelo ka mantswe a hae a pejana