
Broos o kopa tshwarelo ka mantswe a hae a pejana
Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos, o kopile tshwarelo ka mantswe a hae a bileng matla ho Mbekezeli Mbokazi le moemedi wa hae Basea Michaels.
Broos o ile a ja ka bohale Mbokazi ka mora ho fihla ka morao ho nako boikwetlisong mme a bua mantswe ao a hlalositseng a tolokwe hampe.
“Ha Mbokazi a fihla lata boikwetlisong ba papadi e bohlokwa kontinenteng, ke ile ka kwata haholo,” ho realo Broos.
“Ke bone dintho dika tsamaya hampe mme e kaba tshenyeho ha a kase sebedise neo ya hao ha a sa tataiswe.”
Broos o dumetse ha tshebediso ya mantswe a hae e ne kaba bohale empa a hatella ha e sena kgethollo.
“Ke dumela ha tshebediso ya mantswe a ka e kabe e bile phoso mme ke kopa tshwarelo ka seo. Empa ke ya phetha, ha hona mohlang ke ileng ka batla ho bua mantswe a tletseng kgethollo mme le nna ha ka kgethollo.”
Broos o hlalositse ha tsena tsohle diamme lelapa la hae mme seo e le ntho e bohloko.
“Ke bohloko ka tse etsahetseng, se bohloko haholo ke hore e amme molekane wa ka, bana le ditloholo tsa ka.
“Ke bapetse le batho ba mmala, kaba kwetlisa Algeria, Cameroon le Afrika Boroa dilemo tse nne.”
“O ka botsa hore ke motho ya jwang, mohlomong batla hlalosa ha kele mobe kapa kele hantle kapa manganga empa hahona ya tlare kena le kgethollo.”
