Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Kadodia o dumela ha Tinkler a tla fihlella ditabatabelo tsa sehlopha

Modulasetulo wa Durban City Farook Kadodia, o hlalositse ha Eric Tinkler e le kgetho e nepahetseng ho etella sehlopha pele.

City e tsibisitse semmuso ho hlwawa ha Tinkler e le mokwetlisi ka mora hore a arohane le sehlopha sa Asante Kotoko ya Ghana.

Tinkler, o kena dieteng tsa Khalil Ben Youssef ya sa tumang sehlopheng ka mora ho kwetlisa dipapadi tse supileng fela.

BALA: Arthur Sales o batla ho hapa MTN8 ka tsohle tsa hae

“Tinkler o tlisa boiphihlelo bo makatsang le kutlwisiso ya papadi ya bolo ya Afrika Borwa e hlokahalang boemong bona,” ho realo Kadodia.

“Re dumela hore ke motho ya nepahetseng ho etella sehlopha sa rona pele dikatlehong tseo re dibehileng tsa sehla.”

Papadi ya pele ya Tinkler, e tlaba kgahlano le AmaZulu e tswileng tjaro ya mabonwa ka labobedi la 13 Mphalane.

Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Chatsworth mme e tla thakgoha ka 19:30 bosiu.

BALA: Lorch o maoto o oka ditlhabela sehlopheng sa Al-Ittihad