Ditaba tsa moraoraoKrikete

Quinton De Kock o ballwa hara bahale

Sebapadi sa Afrika Boroa se otlang e bile e le sethibathibane Quinton De Kock, o ballwa hara bahale ka mora ho roba direkoto tse mmalwa.

De Kock, o fihleletse mematho e 7000 dipapading tsa letsatsi ka leng mme ke sebapadi sa bobedi lefatshe ho fihlela seo ka dipapadi tse tlase haholo (158 innings).

Sebapadi sena se otlang ka letsoho la leqele, se entse lekgolo makgetlo a 22, e leng se mobehang boemong ba boraro ka mora Hashim Amla (27) le AB DE Villiers (25).

De Kock o satswa kgutlela dipapading tsa matjhabatjhaba tsa T20 le ODI ka mora ho beha mejafashe dilemong tse fitileng.

Dipapading tsa letsatsi ka leng, De Kock o se a bapetse dipapadi tse 158 mme mematho e hodimo eo a e fihleletseng ke 178. O kgonne ho etsa lekgolo makgetlo a 22 le mashome a mahlano makgetlo a 32.

Qunny, ke emong wa dibapadi tseo mahlo a tla bang a shebile ho yena jwalo ka mehope ya lefatshe e atametse mme Afrika Boroa e tla ba karolo le ho tshwara o mong ka 2027.

Afrika Boroa e tla kena kgabong ya dipapadi tsa mefuta e meraro kgahlano le naha ya India. Dipapadi tsa letsatsi ka leng ditla qala mafelo a kgwedi ya Pudungwane moo De Kock e tlaba karolo ya sehlopha.

BALA HAPE:

Quinton De Kock o kgutlela dipapading tsa matjhabatjhaba

Di’Proteas dihlolwa letotong la bobedi naheng ya Pakistan