
Lorch o tswelapele ho ipabola ka makgabane
Sebapadi sa Afrika Boroa sa matjhabatjhaba Thembinkosi Lorch, o tswelapele ho ipabola ka makgabane naheng ya Morocco le ha a tlodisitswe mahlo ke mokwetlisi wa Bafana Bafana.
Lorch, o hlabile ntlha hapa papadi ya bona ya sontaha moo ba hapileng ka ntlha tse pedi kgahlano le Olympique de Safi ho tshireletsa boemo ba bona vmba pele.
‘Nyoso kapa SMS shake my soul jwalo ka ha a tsejwa’, o se a hlabile dintlha tse pedi dipapading tse pedi ka tatelano le ho hlaba dintlha tse hlano dipapading tse robong bakeng sa Wydad Casablanca.
Letswallwa lena la Free State, le hlalositswe jwalo ka motho ya moholo ya sa keneng mererong ya ha jwale ya sehlopha ke Hugo Broos le ha a hlalositse a na le tshepo ya ho mobitsa e bang a ka mohloka.
Lorch, ke sebapadi sa bohlokwa haholo Casablanca ka mora ho kgutlela teng ka mora kadimo e kgutshwane ka nako ya mokwetlisi Rhulani Mokoena.
Ka nako ya phatlalatso ya sehlopha sa naha, Broos o dumetse hore Lorch o ntse a bapala hantle le ha a tsitlaletse tabeng ya dibapadi tse tlase dilemong.
Tebello ke e matla ya ho bona e bang Broos o tla bitsetsa Lorch sehlopheng kapa tjhe ka ha a kile a bua ka hore Themba Zwane o moholo empa a kgutla a mobitsetsa sehlopheng.
Bala tse ding ka Lorch:
