Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o arabela ditshehollo ka mora ho kgetha sehlopha

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o arabetse ditshehollong tse matla tse ntse dietswa ka marangrang tsa ka moo a kgethileng sehlopha.

Broos o phatlaladitse sehlopha sa naha setla thulana le naha ya Zambia papading ya setswa mme ba bang ba batho haba kgotsofalla kgetho ya hae.

Nako le nako ha Broos a qeta ho phatlalatsa sehlopha, ho dula hona le dipuopuo dihana ho fela, boholo ba tsona e le ho botsa diqeto kapa tsela eo a kgethang sehlopha ka yona.

Hara e nngwe ya ntho tse bakileng dipuo dihana ho fela ke ho tlodisa Thembinkosi Lorch mahlo le ho sebe teng ha dibapadi tsa Kaizer Chiefs sehlopheng sa naha.

Broos ya tsejwang ka ho toba taba, o hlalositse ha batho ba bang ba nahana ba molemo ho marangrang mme ba ka tshwela pele ho bua.

“Batho bao ba nahana ba bohlokwa ho marangrang. Ke manyala le bohlanya mme ha dinkame le hanyane,” ho realo Broos.

Keletso Makgalwa le Masindi Nemtajela, ke bona fela difahleho tse ntjha sehlopheng setla thulana le Zambia ka moqebelo lebaleng la Nelson Mandela Bay.

Broos o boetse a qotsa taba ya hore SAFA e hle e qale ho itukisa le ho aha sehlophang sa U23 ho bakeng sa dibapadi tse tsa U20 le bokamoso ba papadi ya bolo ka hara Afrika Boroa.

“Ho bohlokwa ho lokisa sehlosa sa U23 ka potlako e le ho potlakisa ntshetso pele ya dibapadi tse tswang ho U20.”

BALA HAPE:

Broos o hlalosa mokgwa wa ho kgetha dibapadi sehlopheng

Letona McKenzie le etsa tshepiso ho Bafana Bafana