
Retshegofaditswe Ox Nché o etsa nalane papading ya Rugby
Sebapadi sa papadi ya Rugby e bile e le letswallwa la Afrika Boroa Retshegofaditswe Ox Nché, o entse nalane ka hoba sebapadi sa pele (prop) sa ho thongwa bakeng sa sebapadi sa selemo.
Nché, ke sebapadi sa Afrika Boroa sa matjhabatjhaba se bapalla Springboks le Sharks mme ke mofuta o mona wa dibapadi tse mmele o moholo tse bapalang ka pele.
Letswallwa lena la Thaba Nchu profenseng ya Free State, ke prop ya pele nalaneng ya Rugby ho ka thongwa bakeng sa kgau ya sebapadi sa selemo (World Rugby Player of the year).
Ox jwalo ka ha a tsejwa, o thontswe le dibapadi tse ding tse tharo mme tse pedi ke dibapadi mmoho le Nché sehlopheng sa naha.Louis Bielle-Biarrey (France), Pieter-Steph du Toit le Malcolm Marx (Afrika Boroa) ke tsona dibapadi tse qotisanang lehlokwa le Nché bakeng sa kgau ena.
Nché ke se seng sa dibapadi tse hapileng mohope wa lefatshe le Springboks ka 2023 mme o ile a fumana le Tlotlo ya Morae wa Barolong-boo-Seleka e leng tlotlo e kgolo ho tswa ho Barolong-boo-Seleka.
Le ha a ntse a oka kotsi ka mora ho lemala papading kgahlano le Japan, Nché o lebeletswe ho kgutla le ho thusa Afrika Boroa ho etella Rugby pele lefatsheng.
BALA HAPE: Springboks di tswelapele ho itukisa
