
Kgonahalo e kgolo ya Nkota ho arohana le Al Ettifaq
Sebapadi se ditabeng sa Afrika Boroa le Al Ettifaq Mohau Nkota, a kanna a arohana le sehlopha sa hae sa Saudi Arabia dikgwedi fela a le ho sona.
Nkota o ntse a sa fumane monyetla wa ho bapala mme seo se amme le tsela eo dintho dileng ka teng bakeng sa sebapadi sena.
Hoya ka Mazola Molefewa SABC Sport, Ettifaq e morerong wa ho rekisa Nkota bakeng sa sehlopha se sa hlaloswang sa Europa moo a tla leba teng ka thekiso le ho lo tswelapele ka ntshetso pele ya hae le kgolo papading.
Mazola ya buisaneng le boemedi ba Nkota, o hlalositse ha boemedi ba sebapadi sena bosa batla ho dumela kapa ho hana menyenyetsi ya sehlopha sa Benfica ya Portugal em[a bo hlalositse hore kgonahalo e teng ya hore Nkota a ka leba Europa.
Tebello ke ho ema le ho bona hore sebapadi sena seo e leng karolo ya dibapadi tsa Hugo Broos tse tla nkana le Panama otla leba seba sehlopheng sefe bakeng sa ntshetso pele ya hae le kgolo papading.
BALA HAPE: Tsa moraorao ka Mokwena naheng ya Algeria
