
Lenane la dikotsi le hlwa mekwalaba sehlopheng sa naha
Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se tsibise ha mohlabadintlha Iqraam Rayners, a lokolotswe kampong ya sehlopha e Dobsonville ka lebaka la kotsi.
Mohlabadintlha enwa wa Mamelodi Sundowns ya dihlabang lenyelenyele, o lokolwa kajeno hoseng ke ba bongaka mme sebapadi sa Orlando Pirates Evidence Makgopa, o tla kena dieteng tsa hae le ho kwala sekgeo.
Rayners e ba sebapadi sa bobedi dihoreng tse 24 sa ho lokolwa ke Bafana Bafana ka mora hore Relebohile Mofokeng wa Pirates le yena a lokolwe ka kotsi e sa hlaloswang.
Maobane re robetse ka tse reng sehlopha se emetse dibapadi tse pedi Lyle Foster le Siphesihle Sithole batla fihla kajeno ka mora ho bapala dihlopheng tsa bona mose ho mawatle.
Sehlopha sena sa naha se tla nyolosa moepa molelle ka labohlano kgahlano le naha ya Zimbabwe toropong ya Durban, ntwa e le ntlha tse tharo.
Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Moses Mabhida ka hora ya botshelela [18:00] thapama.
