
SAFA e tswa puo ka mora diqoso kgahlano le Broos
Mokgatlo o tsamaisang bolo ka hara Afrika Boroa, o buile lekgetlo la pele ka mora hore mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos a be ditabeng ka mantswe a hae.
Broos o ile a seola ka bohale ho fihla morao nakong ha Mbekezeli Mbokazi le ho nyatsa qeto ya moemedi wa sepabadi sena ya ho moromela sehlopheng sa Chicago Fire.
SAFA, e hlalositse ha mantswe a Broos a fapantswe le molome mme le moelelo wa ona o batla o tolokwe ka tsela e fosahetseng.
“Ho fapana ha puo ke sesosa sa ho kgalefo e bileng teng le ho se hlake ha molaetsa wa mokwetlisi,” ho realo SAFA.
Mantswe a Broos a bakile ditaba hoo mokgatlo wa dipolotiki wa UDM, o hlahletseng tletlebo ho SAHRC hore mantswe a Broos a tletse lehloyo.
SAFA ka ho le leng, e hlalosa ha e ema le Broos mme ho sobe le tletlebo e fe kapa e fe kgahlano le Broos ya ka hara ya kgethollo dilemong tsa hae tsa tshebetso.
Lengolong le ntshitsweng ke SAFA, Broos le yena o ntshitse maikutlo moo a hlalosang ha ele bomadimabe hore mantswe a hae a bohale a kgalemelo sebapading o tolokowe ka tsela e nang le kgethollo.
“Ke bomadimabe hore mantswe a ka a ho kgalemela sebapading tolokwe ka tsela e fosahetseng. Ke emella hole le diqoso tsa kgethollo ya morabe le bong,” ho realo Broos.
Mokgatlo o ipileditse ho bolatedi ho ema sehlopha nokeng le bontsha tshehetso jwalo ka ha sehlopha se le haufi le ho bapala AFCON.
BALA HAPE: UDM e hlahletse tletlebo ho SAHRC ka mokwetlisi Broos
