Ditaba tsa moraoraoKrikete

De Kock o arabela potso ya ho kgutlela papading tsa diteko

Sebapadi sa Afrika Boroa mefuteng e mokgutshwane papading ya krikete Quinton De Kock, o arabetse potsong e ntse e tota ka mora ho kgutlela dipapading tsa matjhabatjhaba.

De Kock ya neng a beile mejafashe dipapading tsa matjhabatjhaba, o kgutletse dipapading tsa ODI le T20 mme o bonahala a ntse a tshwara morethetho.

Sebapadi sena se otlang ka letsoho la leqele e bile e le sethibathibane, o arabetse potso ya hore o bona a ka kgutlela papading tsa diteko kapa tjhe.

Karabelong ya De Kock e bile e totobetseng empa e nang le mohatla wa tshepo ya hore a kanna a kgutla. Ha o motho wa pele wa ho botsa.

“Ha jwale karabo ke tjhe. Karabo ya Ha jwale ke tjhe e totobetseng,” ho realo De Kock.

Le ha hole jwale, De Kock ya ileng a tlohela dipapadi tsa matjhabatjhaba ka mabaka a hae, o hlalositse ha pele a tla tlohela, e bile taba ya ho batla pheletso e ntjha.

Sebapadi sena se bapetse karolo e kgolo papading ya bobedi ha Afrika Boroa e ne e hlola India ka mematho e 51.

De Kock, o entse mematho e 90 pele a ketolwa le ha papading ya pele a tswile ka letata (0 runs/duck). Ka sontaha Afrika Boroa e tla nkana le India papading ya boraro ya T20.

Dihlopha ka bobedi dihapile papadi mme maikemisetso ke ho nka ketapele. Papadi ena e tla thakgoha ka 15:30 ka nako ya Afrika Boroa mme yona e tla bapalla HPCA, Chelian.

BALA HAPE: Di’Proteas tsa basadi dihapa letoto la T20 kgahlano le Ireland