Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sebapadi sa Sundowns se tloha ho Durban City ho leba ho Stellenbosch

Sebapadi sa mehleng sa Cape Town City Terrence Mashego se lebileng sehlopheng sa Mamelodi Sundowns ka 2022, o kena tseleng hape ho leba Stellenbosch.

Mashego ya qetileng sehla sehlopheng sa Durban City, o hlokile lehlohonolo la ho bapala ho Sundowns bakeng sa dihla tse pedi pele sehlopheng se nka qeto ya ho kadimana ka yena.

Sebapadi sena se hapile mohope wa Nedbank le Durban City mme sehlopha sa bontsha kgahleho ya ho reka le ngodisa sebapadi sena ka kotloloho.

Le ha hole jwalo, Sundowns e batlile sebapadi sa bona ho kgutlela sehlopheng ntle le hl hlakisa maikemisetso a bona.

Mashego, o tla bapala sehla sa 2026/27 sehlopheng sa Stellenbosch ka mora hore Sundowns e nke qeto ya ho kadimana ka yena.

BALA: Mokaubere wa Orlando Pirates o kwenehela qeto ya ho tlohela