
Miguel Cardoso o tshepa ha kotsi ya Zwane e se mpe
Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha a tshepa mokaptene wa sehlopha Themba ‘Mshishi’ Zwane a sa lemala hampe ka mora ho tswa ka lebaka la kotsi.
Zwane, e bile karolo ya sehlopha sa Sundowns se hlotseng Magesi ka ntlha tse tharo ho noto (3 – 0) mme a tswa ka mora kgefutso (63 minutes) ka lebaka la kotsi.
Mshishi ya dilemo di 36 o fetowe ke dipapadi tsa matjhabatjha le sehlopha sa naha ka lebaka la kotsi mme papadi ya Magesi e ne e le ya pele a kgutlile.
Cardoso, o hlalositse ha a dumela kotsi ya Zwane e fapane le ya pele le ha a tla emela dingaka tsa sehlopha ho fana ka dintlha tse felletseng.
“Ka bomadimabe Themba o bile le bothata bo bonyane. Hase kotsi e tshwanang le ya pele. O bile le kotsi ditshonyetsong (abductor muscle) ha jwale e kare ke kotsi e lengoleng kapa karolong e tlase ya leoto,” ho realo Cardoso.
Ka mora tlholo ya Magesi ka sontaha, Sundowns e nyolohetse ka hodimo tafoleng ya Betway ka dintlha tse 14 dipapading tse tsheletseng (6).
Papadi ya bona e lateng e tlaba kgahlano le Marumo Gallants ka la 17 Lwetse lebaleng la Dr Rantlai Molemela, Bloemfontein. Papadi ena e tla thakgoha ka 19:30 bosiu.
BALA HAPE: Sundowns e nyolla mokotla bakeng sa ho fumana Matheusinho
