
Setlabotjha ho Mamelodi Sundowns sena le tshepo
Sebapadi se fihlang sehlopheng sa Mamelodi Sundowns Miguel Reisinho, o hlalositse ha ntlha ya hae kgahlano le Rema mafelo a beke a fitileng e mofile boithepo.
Reisinho o hlabile ntlha ya hae ya pele sehlopheng sa Sundowns ha bane ba hlola Rema Stars ka ntlha tse hlano ho e le nngwe (5 – 1).
Sebapadi sena se fumaneng karete e kgubedu papading ya hae ya pele, se hlalositse hase ntse se tlaela maemo kwano Afrika Boroa le Afrika ka bophara jwalo ka ha Sundowns e tlala tlala le kontinente.
“Ke nnete, Afrika ya tjhesa mme ntse ke tlwaela. Papading ya ka ya pele ke fumane karete e kgubedu, hase qalo e ntle empa diya etsahala,” ho realo Reisinho.
“Ho hlabeng ntlha papading ya CAF Champions League, ho mphile boitshepo bo boholo mme ke batla ho dula ke thusa sehlopha ho hlaba dintlha le ho thuseng hore dihlajwe.”
Sebapadi sena sa lepotoketsi (Portuguese) se dilemo di 26 se bapaletse ntshetso pele ya naha ya Portugal (under 20) le ho bapala tafoleng (League) e kgolo ya Portugal pele a tla leba Afrika Boroa.
Sundowns e dutse ka botleng dipapading tsena tsa CAF ka mora tlholo ya bona ya mafelo a beke.
Reisinho o hlalositse ha mosebetsi o so fele mme ba lokela ho o phethela mafelong a beke.
“Re thabetse tlholo empa mosebetsi ha o so fele. Ho ne e tjhesa empa ra mamella le ho tsepamisa maikutlo papading.”
Sundowns e tla amohela Rema ka sontaha lebaleng la Lucas Masterpieces Moripe ka hora ya boraro thapama (15:00).
BALA HAPE: Mamelodi Sundowns e feta mohwalotso ho Rema Stars
