Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Lefapha la dipapadi le ditabeng ka ditjeho tsa ho leba mohopeng wa lefatshe

Lefapha la dipapadi tlasa letona Gayton McKenzie, le ditabang ka tshebediso ya ditjhelete ka leeto la batshehetsi mohopeng wa lefatshe. 

Lefapha, le rometse batshehetsi ho tshehetsa sehlopha sa naha Bafana Bafana mohopeng wa lefatshe mme letona McKenzie o hlalositse ha leeto leo le jele tjhelete e kalo ka R31 million.

Phatlalatso ena ya letona, e kopane le maikutlo a fapaneng moo ba bang ba batho ba ho kenyeletsa mokgatlo wa dipolotiki Democratic Alliance [DA] dihlalositseng ha tsena tsohle e bile tshenyo ya tjhelete.

Pele ho leeto la batshehetsi letona le tsibisitse ha ho tlaba le batshehetsi ba ditjhelete bakeng sa batshehetsi ba dihlopha tse fapaneng.

Letona le lebeletswe ho fana ka raporoto e hlalosang le ho tsenkolla mokgwa oo tjhelete e sebedisitsweng ka ona ka nako ya leeto ho ya le ho kgutla.

BALA: Germany e hana ho tshehetsa Infantino lebelong la bopresidente ba FIFA