
Afrika Boroa e hapa papadi le ho lekanya dintlha
Sehlopha sa banna papading ya krikete, se hapile papadi ya bobedi ya teko le ho lekanya dintlha letotong la papadi tse pedi tsa diteko (two match series).
Afrika Boroa, e lahlehetswe ke papadi ya pele ka mematho e 93 empa ya boya sekwele ho hlola papadi ya bobedi ka wicket tse robedi letsatsing la bone.
Dibapadi tsa Afrika Boroa tse akgelang le tse otlang, diarolelane mosebetsi ho etsa bonnete ba hore Pakistan ha e hape letoto.
Makenong a pele, Tristan Stubbs (78), Senuran Muthusamy (89*) le Kagiso Rabada (71) ba lwanne ya kgumamela ho beha Afrika Boroa ka botleng (404) dibapadi ditswile kaofela.
Keshav Maharaj ya fetoweng ke papadi ya pele, o bapetse karolo e kgolo ha a ne a ketolwa dibapadi tse supileng ho kgina Pakistan memathong e 333.
Makenong a bobedi, Pakistan e kene e na le sekoloto sa mematho e 71 ya makenong a pele.
Pakistan e Pakistan e kgonne fela ho etsa mematho e 138 dibapadi ditswile kaofela e leng se neng se hlalosa ho Afrika Boroa e hloka mematho e 67 ho hapa papadi.
Ryan Rickelton (25*) le Aiden Makram (42) e bile tsona fela dibapadi tse entseng mematho makenong a bobedi a Afrika Boroa ha sehlopha sene se hapa ka wicket tse robedi.
Senuran Muthusamy e bile yena sebapadi se ipabotseng ka makgabane letotong (player of the series), ha Keshav Maharaj e bile yena sebapadi se ipabotseng ka makgabane papadi ya bobedi ka di’wicket tse robong.
BALA HAPE: Muthusamy le Rabada ba lwana ya kgumamela
