
Setlabotjha se hlolela Afrika Boroa papadi ya pele
Sebapadi se tlase dilemong e bile e le setlabotjha sehlopheng sa naha papading ya krikete, se etsa meka le mehlolo ho hlolela Di’Proteas tsa basadi papadi.
Kayla Reyneke, o thusitse Afrika Boroa ho hlola Pakistan ka wicket tse 5 papading ya pele ya tse tharo tsa T20.
Morwetsana enwa ya neng a qala ho bapalla sehlopha se seholo sa naha, o qadile papadi ka noto e hodimo le ho ketola dibapadi tse pedi ka mora hore Pakistan e hape lotho le ho kgetha ho otla pele.
Afrika Boroa, e kentse baeti tlasa kgatello le ho ketola dibapadi tsa bona ka sekgahla le ha mokaptene Fatima Sana (90) a lekile ho lwana le ho thusa naha ya habo ho dula memathong e 180 pele a ketolwa (180/9).
Makenong a bobedi Afrika Boroa e kene e se tlasa kgatello empa tsohle tsa qala ho fetoha di’wickete diqala ho ketolwa lenyelenyele.
Tazmin Brits (16), Sune Luus (32), Laura Wolvaardt (61) Dane van Niekerk (16) le Lara Goodall (11) ba thusitse ho aha lebota pele ba ketolwa ka ho fapana.
Annerie Derckesen (9*) ya keneng ho thusana le Reyneke, o bapetse karolo ho aheng setswalle le Reyneke ho phethela papadi.
Reyneke ya entse 6 tse tharo le 4 e le nngwe (three 6s and one 4 [boundaries]) e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora papading e kgabane ka bolo le molangwana.
Sehlopha setla kena papading ya bobedi ka labohlano mme yona e tla bapalla lebaleng la Willomoore, Benoni.
BALA HAPE: Di’Proteas diqadile mohope wa lefatshe ka noto e hodimo
