
Doctor Khumalo: Sundowns e bohlokwa ho rona
Sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana le Kaizer Chiefs Doctor Khumalo, o ntshitse maikutlo ka tshebetso ya Mamelodi Sundowns dipapading tsa CAF Champions League.
Khumalo, o bontshitse ha tshebetso ya Sundowns ya moraorao e kaba le seabo se seholo ho theoheng ha boleng ba papadi ya sehlopha sa naha sa Bafana Bafana.
Sundowns, e bonahala e sokola papisong le ka tsela eo e tsebahetseng ka yona dilemo tse fitileng ho CAF mme seo e bonahala e le tlhoba boroko le ho Khumalo.
“Ke rapela le ho dumela baka lokisa mathata a bona, re kase kgone ho lahlehelwa ke Sundowns, haholo kontinenteng,” ho realo Khumalo.
“Sundowns e bohlokwa ho rona. Ha lotho ya mohope wa lefatshe e etswa, ho botsitswe mokwetlisi wa Mexico hore o nahanang ka Afrika Boroa.”
“Karabelong ya hae o buile ka Sundowns ya e boneng mohope wa lefatshe wa dihlopha (Club world cup) mme ka seo o kgona ho utlwisisa.”
Khumalo o hlalositse ha Sundowns e le tshepedi ya ntshepe bakeng sa Afrika Boroa lefatsheng le kontinenteng.
“Batho bana ba phahamisitse boikgantsho ba naha. Dinaha le dihlopha dihlopha papadi ya Africa Boroa ka lebaka la Sundowns, Pirates le dihlopha tsohle tse bapetseng ka ntle ho naha.”
BALA HAPE: Adams: Re lokela ho lwana ka tsohle
