Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Shabalala o bula sefuba ka ditshehollo tsa ka mora Soweto Derby

Sebapadi sa Kaizer Chiefs Mduduzi Shabalala, o buile ka diketsahalo tsa ka mora papadi eo ya Soweto moo Chiefs e thulanang le Orlando Pirates.

Shabalala o fitile ditshehollong tse matla ka mora ho hlolwa ke menyetla papadi e ileng ya fela ka maleka a 1 – 1 mathwasong a selemo.

Sebapadi sena, se buile ka boemo boo se neng sele ho bona ka mora papadi eo.

“Ka mora papadi e nngwe le e nngwe ya ka mora Soweto Derby, kene ke fihla ntlong ke lla,” ho realo Shabalala.

“Le bakwetlisi bane bare ke nna ke dulang ke etsa diphoso. Ka mora papadi e nngwe le e nngwe kene ke fihla lapeng ke lla.”

Sebapadi sena se hlalositse ha e ne e le nako e thata eo le batswadi baneng basa kgone ho utlwisisa bohloko ba hae.

“Batswadi baka bane ba botsa hore bothata ba ka ke eng empa bane basa kgone ho utlwisisa boemo ba ka le seo ke neng ke se utlwa.”

Taba ya ho seholla dibapadi ke tlhoba boroko e kgolo dihlopheng ka ho fapana. Balatedi ba rwakang le ho seholla dibapadi leha ba kopana le tsona mabenkeleng.

BALA: Mbokazi o kgutlela papading ha Mabasa le Titus ba nka karolo dintlheng