
Bafana Bafana ba nyoloha hape boemong ba lefatshe
Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se kena dihlopheng tse 50 tse hodimo lefatsheng.
Sena ka mora tlholo ya 2 – 1 kgahlano le naha ya Guinea mafelong a fitileng a beke dipapading tsa ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON.
Ke lekgetlo la pele ho tloha ka 2011 sehlopha se phahamela kapa ho kena dihlopheng tse 50 tse hlwahlwa ka ho fitisisa lefatsheng.
BALA: Eric Tinkler o kopa ho lokollwa naheng ya Ghana
Ka 2021 ha Hugo Broos a ne a nka marapo a bokwetlisi, sehlopha sene se dutse boemong ba 75 lefatsheng mme sa tswelapele ho nyolohela ho latela tshebetso ya hae.
Pele ho mohope wa lefatshe sehlopha sene se dutse boemong ba 60 mme ka mora mohope wa lefatshe ba dula boemong ba 54 lefatsheng.
Phahamo ena e hlalosa hore sehlopha se phahame ka dikgatho tse 25 nakong ya dilemo tse hlano tseo Broos a kwetlisitseng sehlopha.
Tebello ke ho bona hore Pitso Mosimane o tla tswella ka tshebetso e ntle le ho phahamisa maemo a sehlopha ho feta.
BALA: Shabalala o bula sefuba ka ditshehollo tsa ka mora Soweto Derby
