
Sekhukhune se imatlafatsa ka mekaubere papading ya bolo
Sehlopha se tsekang ho iphumana se le dihlopheng tse tharo tse ka hodimo ho Betway Premiership, se imatlafaditse ka ditho tse pedi tse nang le boiphihlelo papading ya bolo.
Babina Noko, ba tekenne sebapadi sa mehleng sa Ajax Cape Town le Mamelodi Sundowns Rivaldo Coetzee ka tumellano ya nako e kgutshwane.
Coetzee, o ne a ntse a sena sehlopha ka mora ho arohana le Sundowns ka mora ho qeta nako e ngata kantle ka lebaka la dikotsi.
Sebapadi sena se dilemo di 29, ona le bokgoni ba ho bapala morao le mmpeng ya lebala mme o na le monyetla wa ho itshupa dipapading tse 8 tseo sehlopha se setseng ka tsona.
BALA HAPE: CAF e nyolla palo ya dihlopha mohopeng wa AFCON
Ka lehlakoreng le leng, sehlopha se tsibisitse ka tekeno ya mokaubere tsamaisang ya papadi ya bolo Dr. Walter Steenbok.
Steenbok, o tla sebetsa jwalo ka Director of Football Strategy ho etsa bonnete ba hore sehlopha se sebetsa hantle mafapheng kaofela le ntshetso peleng.
Steenbok fetileng dihlopheng tse jwalo ka Kaizer Chiefs le Mamelodi Sundowns moo e neng e le setho sa ho batlela dihlopha dibapadi (head of scouting).
Mohahlaula enwa ya nang le dilemo tse fetang 20 papading ya bolo o tshwere lengolo la PhD in Sport Science le Master in Business Administration hara a mang a mangolo a hae.
Pele a itokolla mosebetsi dikgwedi tse fitileng, Steenbok o ne a sebetsa jwalo ka Technical Director ho SAFA moo a tlisitseng diphetoho tse jwalo ka ho potlakisa mangolo a ho kwetlisa mabatoweng a fapaneng ka hara naha.
