
Shukri Conrad o etsa diphetoho ka lebaka la dikotsi
Mokwetlisi wa sehlopha sa naha sa Di’Proteas Shukri Conrad, o e ntse diphetoho tse tlamang sehlopheng setla leba dipapading tsa mohope wa lefatshe wa T20.
Conrad, o qobellehile ho hula dibapadi tse tse tharo sehlopheng le ho bitsetsa tse ding ho kwala sekgeo sa bona.
David Miller, Donavan Ferreira le Tony de Zorzi, ba hutswe sehlopheng se tla leba mohopeng wa lefatshe kgwedi e tlang ka lebaka la dikotsi ho fapana.
Conrad, o bitseditse sehlopheng Tristan Stubbs, Ryan Rickelton le Ruben Hermann ho kwala sekgeo.
Miller, o tswile papading ya Paarls ka groin, Ferreira yena o lemetse lehetla ha de Zorzi a so fole kotsi ya kgwedi ya Tshitwe kgahlano le naha ya India.
Diphetoho tsena ditla ka nako eo matsatsi a dipapadi a ntseng a atamela mme ho sebe teng ha Miller sehlopheng, e tlaba sekgeo se se holo ho latela boiphihlelo ba hae.
Le ha hole jwalo, Miller e ntse e le karolo ya sehlopha setla leba mohopeng wa lefatshe, o tla fetwa fela ke dipapadi tsa ho ikotlolla kgahlano le West Indies ka tshepo ya hore o tla kgutla le hoba karolo ya sehlopha se lebang India.
Se seng sa dibapadi tseo mahlo a tlaba ho tsona ke Lungisani Ngidi ya tswileng papading ya SA20 a qhiletsa empa ho bonahala mokwetlisi Conrad a motlohetse sehlopheng.
Sehlopha setla bapala dipapadi tse tharo tsa ho ithapolla hang fela ka mora dipapadi tsa SA20 kgahlano le West Indies pele se leba naheng ya India le Sri Lanka ka kopanelo.
BALA HAPE: Mokwetlisi Conrad o tsibisitse sehlopha setla leba India le Sri Lanka
