Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Dinaha dilohotha ho ikgula dipapading tsa mohope wa lefatshe

Maikutlo a ntse a tswelapele ho fapana le ho phahama ka mohope wa lefatshe o tla tshwarwa selemo sena ka kgwedi ya Phupjane.

Tsena tsohle ka lebaka la dipehelo tsa mopresidente wa America Donald Trump dinaheng tse fapaneng tsa lefatshe.

Trump o behile melawana bakeng sa baahi le mebuso ya dinaha tse fapaneng mme seo ke tlhoba-boroko jwalo ka ha batho ba batla ho lo tshehetsa dinaha tsa bona dipapadi empa dipehelo tsa naha eo e ba bothata.

America ke e nngwe ya dinaha tse tla tshwarwa mohope wa lefatshe ka kopanelo le Mexico le Canada mme maikutlo le diketso tsa Trump ditlisa tshabo dinaheng tse lokelang ho nka karolo.

Pejana FIFA e ile ya etsa phatlalatso hore batho ba rekileng le ho tshwara ditekete tsa dipapadi e se badudi ba America, ba lokela ho lekola dipehelo tsa ho kena America pele baya lekgongwana hodimo ka ho leba America.

Dipapading tse tla bapala kaofela, America ke yona e tla tshwara dipapadi tse ngata (78) ha Mexico le Canada ditla tshwara dipapadi tse 13 mme seo ke sona se tlisang tshabo e kgolo.

Trump, o hlothile baahi ba dinaha tse mmalwa tokelo ya ho kena America e leng se bakang dipotso hore dinaha le batshehetse ba tlaba le monyetla wa ho leba America le ho bapala ka bolokolohi.

Ditabeng tsa moraorao ke moo dinaha tsa Europe, diutlwahalang diqadile ho sheba le ho nahana ka qeto ya ho bapala mohopeng wa lefatshe kapa ho ikgula ka lebaka la ditlaleho tsa moraorao tsa Trump tsa ho batla ho nka taolo ya Greenland.

Le ha diketso tsa Trump disa ipapisa le dipapadi, dina le tshusumetso e kgolo dipapadi jwalo ka ha kgahlamelo ya tsona shebile mebuso ya dihlopha tseo.

BALA HAPE: Eto’o o ema le qeto ya Senegal ya ho ngala papadi