
Sukazi ona le tabatabelo ya ho bona Mpumalanga Derby ho makgaolakgang
Modulasetulo wa TS Galaxy Tim Sukazi, o boletse ha a lakatsa ha makgaolakgang a Nedbank a ka leba Mpumalanga.
Sukazi o buile sena ka mora hore dihlopha tse pedi tsa profense ena difetele dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang lekgetlo la pele nalane ya bolo Afrika Boroa.
TS Galaxy le Casric Stars, ditla bapala le dihlopha tse pedi tsa KwaZulu-Natal Milford FC le Durban City mme Sukazi ona le tabatabelo ya hore Makgaolakgang a bapalle KwaNdebele.
“Haeso ka e etsahala pele hore ho be le dihlopha tse pedi tse tswang KwaNdebele tse fihlang semi-finaleng ya Nedbank Cup kapa tlhodisanong efe kapa efe,” ho realo Sukazi.
“Le ho quarter-finaleng feela ke rekoto, kahoo nako le nako ha bona ba atleha mme le rona re etsa jwalo re ngola nalane. Empa o ka nahana feela, haeba Casric Stars le rona re ka qetella re kopane ho makgaolakgang, e kaba papadi ya mofuta ofe.”
Dihlopha tsena tsa KwaNdebele di entse dimakatso tsa ho hlola dihlopha tse jwalo ka Orlando Pirates, Mamelodi Sundowns le AmaZulu ho fihla moo dileng teng.
Casric e tla thulana le Durban City ha TS Galaxy e tla nkana le Milford, matsatsi le dinako tsa dibaladi tsena ke hona a tla phatlalatswa.
Tabatabelo e kgolo ya Sukazi ke ho bona dihlopha tsa Mpumalanga dikopana ho makgaolakgang mme se seng se leba dipapading tsa kontinente tsa CAF Confederation Cup.
BALA HAPE: Pogiso Makhoye: Rene re se tlasa kgatello
