Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ncikazi ha halale Richards Bay le ha e le tlase

Motlatsa mokwetlisi wa Orlando Pirates Mandla Ncikazi, o hlalositse haba kopana le sehlopha se lenyokonyane ka nako ya tlhaselo.

Ncikazi, o buile sena ho Orlando Pirates TV (OP TV) e le ha a fana ka pono ya hae ka Richards Bay.

“Re tobana le sehlopha se seng se matla le hoba thata; ke sehlopha se matla haholo hase hlasela,” ho realo Ncikazi ho OP TV.

“ke sehlopha se etsang tlhaselo ya ka potlako “counter-pressing”, ba na le ho kopana ho hongata bohareng ba lebala.”

Le ha Pirates e le hodimo haholo ho Richards Bay, Ncikazi eo hlalositse jwalo ka sehlopha se sa lokelang ho kgellwa fatshe.

Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Golden Arrows, e hlahisitse ha hole bohlokwa ho hapa jwalo ka ha ba sehlopha se bapalla lapeng.

“Re bapala lebaleng la rona, ka pel’a batshehetsi ba rona, mme re kena papading ena re lwanela ho fumana dintlha tse tharo.”

Pirates e ntweng le Mamelodi Sundowns e nkileng boemo ba pele ka mora ho hlola Orbit College ka 2 – 0 bosiu bo fitileng.

E bang ‘The Buccaneers’ baka hlolwa ke ho hapa papadi kapa ba hlopa ka ntlha e le nngwe, batla tswa ba dutse boemong ba bobedi le ha batla lekana le Sundowns ka dintlha (points) empa bale morao ka dintlha tse hlajoweng (goals scored).

Papadi ena e tla thakgoha ka 19:30 kajeno [11 Hlakubele] lebaleng la Orlando, Soweto.

BALA HAPE: Sukazi ona le tabatabelo ya ho bona Mpumalanga Derby ho makgaolakgang