Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Di’Proteas diphethela mokgahlelo wa bobedi ka noto e hodimo

Sehlopha sa naha sa banna papading ya krikete se phethetse mokgahlelong wa bobedi wa dipapadi tsa mohope wa lefatshe wa T20 ka noto e hodimo.

Sena ka mora hore sehlopha se hlole naha ya Zimbabwe ka wicket tse 5 le ho qeta mokgahlelong wa Super 8 ntlhe le ho lahlehelwa.

Hona papading eo, ke moo re boneng nalane e tswelapele ho ngolwa ha Lungisani Ngidi e ba yena sebapadi se ketotseng dibapadi tse ngata sa Afrika Boroa (90).

Dewald Brevis ka ho le leng, o fihleletse rekoto ya ho otla boundary (6s) tse 50 dipapading tsa T20.

Di’Proteas ke sona feela sehlopha se so lahlehelwa dipapading tsena mme batla kena dipapading tse mahlonoko moo hosenang monyetla wa tahlehelo (semi finals).

E bang sehlopha seka lahlehelwa, setla menahana le mehlala ho leba lapeng ntle le mohope.

Afrika Boroa e bapetse dipapadi tse 7 mme e dihapile kaofela ha tsona e leng seo ba ileng ba se etsa ka 2024 ha batla fihla ho makgaolakgang moo baileng ba hlolwa ke India.

Sehlopha setla kopana le naha ya New Zealand eo ba bapetseng le yona mokgahlelong wa pele wa dihlotshwana.

Papading eo ke moo Afrika Boroa e hlotseng New Zealand ka wicket tse 7.

Le ha hole jwalo, tebello ke hore New Zealand e tla kgutla e le makwebeta le ho batla ho busetsa molamu sefateng ho leba papading ya makgaolakgang.

Papadi ena e tla bapala la 4 Hlakubele lebaleng la Eden Gardens motsemoholo Kolkata. Papadi e tla thakgoha ka 15:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa.