Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sebapadi sa Sundowns se phonyoha lefu la pelo

Sebapadi sa Mamelodi Sundowns se hlabang dintlha, se lokolwa ho ikwetlisa le sehlopha ka mora ho hulwa sehlopheng sa naha.

Iqraam Rayners, o ile a hulwa sehlopheng sa naha pele ho dibapadi tse pedi kgahlano le Zimbabwe le Rwanda ka lebaka la seneng se sa hlaloswa empa morao hwa hlaloswa bothata.

Sebapadi sena se dutseng dintlheng tse 77, se bile le bothata ba pelo (cardiac issues) ka nako eo e ne e le karolo ya sehlopha sa naha mme eteng tsa hae hwa bitswa Evidence Makgopa.

Rayners, o satswa fumana tetla ya ho ikwetlisa le sehlopha ke bongata ba Sundowns ka mora hore a fetwe ke dipapadi.

Bothata ba pelo, bo tlohelisitse dibapadi tse mmalwa papadi ya bolo ka dilemo tse tlase le ho kgaola bokamoso ba bona ka potlako.

Sebapadi sa Mehleng sa Manchester City le Barcelona Kun Aguero, ke se seng sa dibapadi tse tlohetseng bolo ka lebaka la lefu la pelo.

Enoch Mwepu, ke sebapadi sa mehleng sa Zambia le Brighton & Hove Albion se tlohetseng bolo ka dilemo tse 24 ka lebaka la lefu la pelo (hereditary heart problems).

BALA HAPE: Mamelodi Sundowns e feta mohwalotso ho Rema Stars