
Pyramids e fa Mokwena marapo thekisong ya dibapadi
Sehlopha se mathang pele sa Pyramids FC ya Egypt, se bontshitse tshepo e keneletseng ho mokwetlisi wa bona Rulani Mokwena.
Sena ka mora hore sehlopha se abele Mokwena matla a taolo ya theko ya dibapadi thekisong e tla bula ya Pherekgong.
Mokwena o ntse a sebetsa hantle moo a so lahlehelwe ke papadi ha e sale sehla sa dipapadi se thakgoha.
Pyramids, e dutse ka hodimo tafoleng ya dihlopha ka dintlha tse 15 ka mora dipapadi tse hlano mme ke sona fela sehlopha se hapileng dipapadi tsa bona kaofela.
5 Matches played
5 Matches won
15 Points
9 Goals Scored
1 Goal Conceded
Position 1
Tebello ke hore Mokwena o tla sebedisa monyetla ona ho matlafatsa sehlopha bakeng sa ho dula a sebetsa hantle mehopeng e fapaneng ho kenyeletsa CAF Champions Leagues.
Sehlopha setla bapala papadi e lateng laboraro la beke e tlang [07 Mphalane] kgahlano le Canal mohopeng wa Egypt Capital Cup.
BALA: McCarthy o eletsa Afrika Borwa ka Eritrea pele ho papadi
