
Jordaan: Tshehetso ya Standard Bank ke bopaki ba tshehetso e hlokahalang
Mokgatlo o tsamaisang bolo ka hara Afrika Boroa, o kene tumellano le e nngwe ya bafani ba ditshebeletso tsa ditjhelete (bank) jwalo ka ka batshehetsi ba batjha.
South African Football Association, e phatlaladitse ha e kene selekaneng le Standard Bank jwalo ka batshehetsi ba dihlopha tsa naha ho tloha sehlopheng se seholo ho isa dihlopheng tsa ntshetso pele.
Phatlalatso ena etla ka nako eo sehlopha setla kena boitukisong ba dipapadi tse pedi tsa setswalle ho itukisetsa mohope wa lefatshe.
Ka lehlakoreng le leng sehlopha sa naha sa Banyana Banyana, batla itukisetsa dipapadi tsa mohope wa kontinente wa WAFCON.
Mopresidente wa SAFA Danny Jordaan, o hlalositse ha sena e le bopaki ba hore Standard Bank e tshehetsa ntshetso pele ya papadi ya bolo.
“Selekane sena se bontsha mofuta wa tsetelo oo papadi ya bolo e o hlokang ka hara Afrika Boroa,” ho realo Jordaan.
“Tshehetso ya Standard Bank e tla matlafatse tshebetso ya dihlopha tsa rona tsa naha le tsa ntshetso pele tse emelang naha lefatsheng.”
Phatlalatso ena ke ya tse mmalwa tseo SAFA e tla dietsa ka nako ena ya boitukiso. Tebello ke ho utlwa ka phatlalatso e nngwe ya semmuso ya batshehetse ba diaparo pele ho mohope wa lefatshe.
BALA HAPE: Marumo Gallants e behella mokwetlisi ka thoko tshebetsong
