Bolo ya maoto

Transnet e tswa selekaneng sa dilemo le School of Excellence

Setheo sa mmuso sa Transnet se phatlaladitse ha setswa selekaneng sa dilemo tse fetang 30 le School of Excellence se welang tlasa South Africa Football Association (SAFA).

Ho ya ka SABC Sport, qeto ena eo esale e bonahala e le hole ho latela ka moo dintho dibileng ka teng dilemong tsa morao, e tla ka mora hore Transnet e etse kopo ya ho ikgula jwalo ka monyehelani wa ditjhelete (donor) ho School of Excellence.

Sekolo sena se tsejwa ka ho betla le ho ntsha dibapadi tse hlwahlwa tse jwalo ka Steven Pienaar, Bernard Parker, Keagan Dolly le Phakamani Mahlambi ba bapetseng mose ho mawatle.

School of Excellence se bile le mathata dilemong tsa moraorao le ha se ne ntse se tswelapele ho ntswa dipapadi. Dibapadi tsa moraorao ho tswa ho School of Excellence ke Kutlwano Letlhaku, Relebohile Mofokeng le Emile Witbooi.

Transnet, e ne e tsetela tjhelete e kalo ka R20 million ka selemo sekolong sena e le ho thusetsa ka petlo le ho tsetola talente dibapading hotswa malapeng a sa lekaneng ka matla.

Hotswa ha Transnet jwalo ka monyehelani, ho fana ka monyetla ho bakwetlisi le ditheo tse nang le bokgoni ho ka tshehetsa sekolo sena ka ditjhelete le ho ntshetsa mosebetsi pele.

Transnet, e entse boipiletso ho motho kapa sethoe se ikutlwang ho nyehelana hore e be sethoe se nang le lerato, tshebo le kutlwisiso ya papadi ya bolo.

BALA HAPE: mokwetlisi-broos-o-ntsha-mabitso-a-dibapadi-tse-23