
Gallants e hlotse Arrows ho tobana le Pirates ho makgaolakgang
Sehlopha sa Marumo Gallants se hlotse sa Golden Arrows thahong ya mekoko ka mora papadi e neng e tletse dintlha.
Gallants, e hlotse papadi ka mekoko e 4 – 2 ka mora hore dihlopha bobedi dibapale maleka a 2 – 2 le ka mora nako e ekeditsweng.
Arrows e hlabile ntlha pele ka Issac Cisse mme Gallants ya arabela ka Ndabayithethwa Ndlondlo ho lekanya dintlha metsotsoe mmedi ka mora ntlha ya Arrows.
Christopher Sithole, o rahile makatolle a le hole ho fa Gallants ketapele metsotsong e meraro ka mora hore Gallants e nke ketapele.
Metsotsong e 70 ya papadi, Nqobeko Dlamini o hlabetse Arrows ntlha ya ho lekanya (2 – 2) le ho lebisa papadi nakong e ekeditsweng.
Papadi e lebile le ho fela ka 2 – 2 nakong e ekeditsweng mme ya lokela ho leba thahong ya mekoko moo Gallants e tswileng ka tlholo.
Sethibathibane sa Gallants Washington Arubi, e bile mohale ka more ho thiba bolo tse pedi mme Ndabayithethwa Ndlondlo, e bile yena sebapadi sa letsatsi.
Gallants e tla tobana le Orlando Pirates papadi ya makgaolakgang a tla bapala ka la 6 Tshitwe lebaleng la Peter Mokaba.
Bobedi bakwetlisi ba Pirates le Gallants, batla qala ho teyana ho makgaolakgang jwalo ka ha bobedi ba fihla dihlopheng tsa bona ka ho fapana.
Gallants e tla tobana le mokwetlisi wa bona wa mehleng jwalo ka ha Pirates e tla batla ho busetsa molamu sefateng ka mora hore Gallants e ba hlole ho Betway Premiership.
BALA HAPE:
