
Williams o bua ka moya o sehlopheng
Ho hulelwa dintlha tse tharo ha sehlopha sa Bafana Bafana ke ntho e bohloko eo dibapadi dilekang ho iphapanyetsa yona jwalo ka ha batla kena papading ka labohlano.
Afrika Boroa e huletswe dintlha tse tharo ka mora ho bapadisa Teboho Mokoena ya neng a le dikareteng tse pedi tse tshehla mme sena sa rothofatsa le ho fifatsa ditoro tsa ho ya mohopeng wa lefatshe.
Ha jwale sehlopha se tlamehile maoto le matsoho ho hlola dipapadi tse pedi tse setseng hore ba ye mohopeng wa lefatshe selemo setlang.
Mokaptene wa sehlopha Ronwen Williams o hlalositse ha maikemisetso ho sebedisa dipapadi tse pedi tsena ho lokisa diphoso tse fitileng.
“E batla e re ama ha bohloko menahanong ka mora ho fumana ka phoso e entswe ke emong wa rona (motsamaisi wa sehlopha),” ho realo Williams.
“Empa dibapadi kampong dintswe leng hore re lokela ho hapa papadi kgahlano le Zimbabwe ka ntlha tse ngata.”
Williams o hlalositse ha ba ke ke banyatsa Zimbabwe ka ha e na le dibapadi tse nang le boiphihlelo tse jwalo ka Knowledge Musona, Khama Billiat le Marshall Munetsi ya bapalang hola English.
Papadi ena e tla bapala hosane ka labohlano lebaleng le Moses Mabhida mme e tla thakgoha ka hora ya botshelela (18:00) thapama.
BALA HAPE: Yaya Sithole o bua ka kotsi e ne motswile
