Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mohammed Auseb o re Mosimane a se tlodiswe mahlo Naturena

Maikutlo a tswelapele ho fapana ka bokwetlisi ba Kaizer Chiefs, jwalo ka ha e sele nako hone ho utlwahale Chiefs e tla arohana le mokwetlisi Nasreddine Nabi.

Chiefs haeso etse phatlalatso ya setla etsahala jwalo ka ha tumelo e le hore sehlopha se dipuisanong tsa ho qeta tshebedisano mooho le Nabi.

E mong wa dibapadi tsa mehleng tsa Chiefs Mohammed Auseb, le yena o lahletse la hae tabeng ya bokwetlisi sehlopheng.

Auseb o hlalositse ha Chiefs e sa lokela ho tlodisa Pitso Mosimane mahlo jwalo ka ha ana le bokgoni mme sehlopha se hloka motho ya jwalo ka yena.

“Ha ba nka Pitso Mosimane, batla fumana dintlha hobane o tseba bolo ya Afrika Boroa le dibapadi. O tseba ho kopanya dibapadi ho etsa sehlopha se tshajwang,” ho realo Auseb.

Auseb o bile ka tumello e tletseng hore Mosimane a ka fetola dintho sehlopha mme sehlopha se lokela ho etsa qeto tse nepahetseng.

“Ha ba mofumana hana jwale, a ka kopanya sehlopha se matla ha sehla se fela mme sehleng se tlang ba qala ho hapa mehope.”

“Nabi o entse mosebetsi le ho hapa mohope wa Nedbank empa e lokela ho etsa sebaka hore Mosimane a kene,”

Letswallwa lena la Namibia le entse mohlala ka moo Pitso a sebeditseng teng le ho bontsha ha menyabuketso ya hae e hlalosa semelo sa mosebetsi wa hae.

Mosimane, o ntse a sena sehlopha ka mora ho arohana le sehlopha sa Iran sa Esteghlal FC ha Nabi a ntse a le dipuisanong tse le sehlopha.

BALA HAPE: Kaizer Chiefs e kanna ya arohana le mokwetlisi Nabi