
Gallants e bapala papadi ya pele ha dihlopha dikena papading ya bobedi
Sehlopha se falletseng motsemoholo Bloemfontein ho leba Rustenburg sa Marumo Gallants, setla bapala papadi ya sona ya pele ya sehla kajeno [11 Phato].
Gallant e nkileng qeto ya ho lebisa dipapadi tsa yona tsa lapeng lebaleng la Royal Bafokeng, ke sona fela sehlopha seso bapale ka mora hore papadi ya bona ya pele le Mamelodi Sundowns e tjhetjhiswe ka kopo ya Sundowns.
Lebaka la qeto ya Gallants la ho fallela Royal Bafokeng, ke tlhokeho ya lebala la Dr Rantlai Molemela ka nako eo Siwelele se bapallang lapeng le ditjheho tse hodimo tsa lebala la Toyota leo boholo ba nako ho bapallang Rugby.
BALA: Relebohile Mofokeng o ingola ka tlhaka tsa mollo Belgium
Bahlabane ba Ntwa, batla amohela ditlabotjha Kruger United e se e bapetse papadi e le nngwe eo ba hlotsweng ho yona ke Kaizer Chiefs ka 3 – 1 mafelo a beke e fitileng.
Papadi ena, e tla bapalla lebaleng la Royal Bafokeng leo e tlaba lona lehae la Gallants sehleng sena mme papadi e tla thakgoha ka 19:30 bosiu.
