
Williams o dumela ha dithibathibane e se leqeme Afrika Boroa
Sethibathibane sa naha le Mamelodi Sundowns Ronwen Williams, o hlalositse ha a dumela dithibathibane dile ngata ka hara Afrika Boroa.
Ha a bua sebokeng sa boraditaba, Williams o hlalositse ha maikutlo a hore Afrika Boroa ya haelwa dithibathibaneng e se nnete.
“Hona le dithibathibane tse ngata tse sebetsang hantle kwano lapeng le ha batho bane ba tletleba ka kgaelo dithibathibaneng.”
“Hake dumele hona le leqeme la dithibathibane, dibapadi dingata moo bakwetlisi baka kgethang ho tsona.”
BALA HAPE: Broos o aletsa ka sehlopha setla leba mohopeng wa lefatshe
Williams ke se seng sa dithibathibane tse hlwahlwa lefatsheng le kontinenteng mme ke sethibathibane sa pele sa Afrika Boroa ho hapa kgau ya sethibathibane sa selemo kontinenteng.
Hoya ka Williams palo e hodimo ya dithibathibane ka hara naha ke bothata bo monate ho bakwetlisi le wena bakeng sa ho tseka sebaka.
“Ke hlooho e monate hobane e etsa ke dule ke sebetsa ka thata. Re setse ka dikgwedi tse tharo pele ho mohope wa lefatshe mme rena le dithibathibane tse hlano kapa tshelela tse sebetsang hantle. Seo se etsa re sebetse hantle jwalo ka dithibathibane.”
Ha jwale Williams o qotisana lehlokwa le dithibathibane tse jwalo ka Sipho Chaine, Renaldo Leaner, le Recardo Goss bakeng sa sebaka sehlopheng sa naha.
