Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Modulasetulo wa Siwelele o etsa tshepiso ho baahi ba Bethlehem

Ka mora ntlafalo e bileng teng sehleng sa pele sa sehlopha ho Betway Premiership, modulasetulo wa Siwelele FC Calvin Le John, o ntse tshepiso ho badudi ba Bethlehem.

Le John, o entse phatlalatso ya hore sehlopha setla bapala dipapadi tse hlano toropong ya Bethlehem moo ho neng ho bapalla sehlopha sa Free State Stars e ileng ya rekisa maemo a yona.

“Sehleng setlang relo bapalla dipapadi tse hlano Bethlehem hobane Free State Stars hae sale teng,” ho realo Le John.

BALA: Sundowns e tla bapala mohope wa dihlopha wa lefatshe hape

Le John o hlalositse ha qeto ena e le ho bontsha hore Siwelele hase sehlopha sa Bloemfontein empa Free State ka kotloloho.

Ho ya ka Le John, sehlopha se ikemiseditse ho thaha ditsi tsa tshibollo ya dibapadi tse tlase dilemong ka hara profense fela jwalo ka ha Supersport e ne e etsa ka hara Gauteng.

Siwelele se rekileng maemo a Supersport e batlileng e rengwa ke selepe, se qetile sehla e dutse boemong ba 10 e leng phihlello eo botsamaisi bo e batlileng ho mokwetlisi ho boloka boemo ba sehlopha ho Betway Premiership.

BALA: Ouaddou le Chaine ba hapa dikgau tse ikgethang