Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Witbooi o ntshitse maikutlo ka papadi kgahlano le Japan

Sebapadi sa Afrika Boroa sa Amajimbos Emile Witbooi, o ntshitse maikutlo a hao ka papadi eo ba hlotsweng ho yona ya mohope wa lefatshe ke Japan.

Amajimbos, ba hlotswe ka 3 – 0 papading ya mantshano ya tse 32 tsa ho qetela ke naha ya Japan mohopeng o ntseng o bapalla Qatar.

Witbooi, o hlalositse seo a dumelang e le sona se sebeleditseng Japan mme e bile e le sona seo a dumelang e bile bothata lehlakoreng la bona.

Sebapadi sena sa Cape Town City, se hlabile ntlha tse pedi dipapading tsena mme a ikgapela le kgau ya sebapadi sa letsatsi papading ya bona ya bobedi.

“Ke boiphihlelo bo boholo ho bapala mona [Under 17 World Cup] le ho bapala kgahlano le dibapadi tse hlwahlwa lefatsheng, ho realo Witbooi.

“Ntho eo ke ithutileng yona ke hore, hale sa bapale jwalo ka sehlopha, le kase hape.

“Japan e bapatse metsotso e 90 jwalo ka sehlopha, ba matha jwalo ka sehlopha. Rona re bapetse ka mekgahlelo (quaters], ha ra etsa ho lekaneng.”

Witbooi o hlalositse ha a ithutile ho hong ho sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates, e bile e le sebapadi mmoho ha jwale.

“Ke ithutile ntho e nngwe ho Fortune Makaringe, o njwetsitse hore lebaka la hoba sehlopheng le leholo ho feta hoba mong.”

BALA HAPE: Amajimbos ba tswile mohopeng wa lefatshe