
Richards Bay e hlwaya mokwetlisi wa mehleng wa Jwaneng le Simba
Sehlopha sa KwaZulu-Natal sa Richards Bay, se tsibisitse ha Dimitar Nikolaev Pantev e tlaba mokwetlisi wa bona ya motjha.
Tsibiso ena e tla mora hore sehlopha se arohane Ronnie Gabriel beke e fitileng ka mora ho dipapadi tse tsheletseng.
Nikolaev, ke mokwetlisi ya nang le boiphihlelo ba dihlopha tsa Afrika ka mora ho kwetlisa sehlopha sa Simba SC ya Tanzania le Jwaneng Galaxy ya Botswana.
Letswalla lena la Bulgaria, le dilemo tse 50 mme ona le mangolo a UEFA A Licence a ho kwetlisa hohle lefatsheng.
Richards Bay, e dutse boemong ba 14 ka mora dipapadi tse supileng mme ha baso latswe tlholo.
7 Games played
3 Draws
4 Defeats
3 Points
BALA: Sheppard o babatsa tshebetso ya Leaner papading ya hae ya pele
