
Broos o dumela a tla nka qeto e boima pele ho AFCON
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o dumetse a tla qobelleha ho nka qeto e boima pele ho dipapadi tsa AFCON tse setseng ka kgwedi pele dithakgoha.
Broos o hlalositse a itukisetsa boemo bona bo thata boo e leng karolo ya mosebetsi wa hae jwalo ka mokwetlisi.
Mokwetlisi enwa wa naha o tlameile ho kgetha dibapadi tseo o tla leba le tsona mohopeng wa AFCON mme se etsang mosebetsi wa Broos boima ke boleng ba dibapadi tse teng tseo a lokelang ho kgetha ho tsona.
Bafana Bafana ba satswa hlola Zambia mafelong a beke ka 3 – 1 mme dibapadi tsohle dibapetse ka bokgabane le ho leka ho itshupa mahlong a mokwetlisi le moifo.
“Seneng sele bonolo lemo tse pedi tse fitileng se thata ha jwale. Re na le dibapadi tse fetang 23 tse ka lebang ho AFCON. Diqeto tse ding dibohloko ho dibapadi le ho nna,” ho realo Broos.
Broos o ile a etsa diphetoho le ho kenya dibapadi tse jwalo ka Sipho Chaine, Mohau Nkota, Khulumani Ndamane le Evidence Makgopa karolong ya bobedi ya papadi mme o hlalositse ha a kgotsofetse.
“Ke kgotsofetse empa e seng (100%) ka kotloloho empa ke bone seo ke neng ke batla ho se bona. Dibapadi tse jwalo ka Ndamane, mohlomong l malala-a-laotswe,”
Broos o ile a lekanya ha a tseba boholo ba sehlopha seo a tla tsamaya le sona le ha a sa se tsebe kaofela.
Tebello ke hore Broos o tla nyarela dipapadi tse tla bapala mafelo a beke dipapading tsa CAF ho etsa bonnete ka qeto tsa hae.
Afrika Boroa e ka pitseng e le nngwe (group B) le Egypt, Angola le Zimbabwe mme leeto la bona le tla qala ka 22 Tshitwe kgahlano le Angola.
BALA HAPE: Broos o laretse ho kgutla ha Zwane le ha a thabetse Mbule
