Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Miguel o ntsha maikutlo ka hoba karolo ya sehlopha sa naha

Sebapadi sa lebota la morao sehlopheng sa Kaizer Chiefs Inacio Miguel, o ntshitse maikutlo a hae ka hoba karolo ya sehlopha sa naha ya habo.

Miguel eo e leng letswallwa la naha ya Angola, o kotetswe ka thoko ka makgetlo ka nako eo ho etswang lenane la dibapadi tse emelang naha dipapading tse fapaneng.

Lekgetlo la ho qetela Miguel e ba karolo ya srhlopha sa naha ke ka selemo sa 2023 empa toro ya ho emela naha e ntse e le ntho eo Miguel a batlang ho e fihlella jwalo ka ha dilemo le tsona dipalamana.

“Nkase bue maka, nka rata ho emela sehlopha sa naha hape le ha monahano wa ka o tsepame sehlopheng seo ke se bapallang sa Kaizer Chiefs,” ho realo Miguel.

“Rena le ditlhodisano tse ngata le dipapadi tse ngat tseo re lokelang ho dibapala mme nke ke ka bapala dipapadi tseo e bang monahano wa ka o tsepame ntlheng ya ho bapalla sehlopha sa naha.”

Angola e satswa hlwaya mokwetlisi ya motjha [Aliou Cisse mme seo e kaba monyetla ho Miguel ho sebetsa ka thata ho fumana monyetla wa ho bitsetswa sehlopheng sa naha.

BALA: Ho se utlwane ka mokgolo ho qobella Lorch ho kgutlela Libya