
Ndlondlo o tswa ka kotsi ha Gallants e bapala maleka
Sehlopha sa Marumo Gallants, se bapetse maleka a 1 – 1 le sehlopha sa Magedi FC papadi e le nngwe fela ya Betway Premiership e bapetseng ka sontaha.
Gallants, e ne e amohetse Magesi lebaleng la Dr Rantlai Molemela e le ha ba leka ho kgutleleng ho hapa dipapadi.
Papadi e qadile ka sefutho bakeng sa dihlopha ka bobedi jwalo ka ha Kgomotso Mosadi a file Magesi ketapele metsotsong e 27 papading e qadile.
Metsotso ka mora moo ke ha Gallants e qobelleha ho etsa photoho le ho ntsha sebapadi sa bona se tswileng tjaro ya mabonwa Ndabayithethwa Ndlondlo le ho kenya Jansen Clifford.
A so etse nako e kae ka lebaleng, Clifford ke ha a hlabela Gallants ntlha e lekanyang (1 – 1) le ho lebisa papadi kgefutsong dintlha dilekana.
Karolong ya bobedi ya papadi, dihlopha dikalane matle empa hose nko ho tswa lemina mme papadi ya fela maleka a 1 – 1 sehlopha.
Le ha e tla leba ho makgaolakgang a Carling Knockout, Gallants e ntse e sa bapale ha jwalo ka ha ba bapetse dipapadi tse nne ka tatellano ho Betway ntle le ho hapa.
Gallants, e tla nkana le TS Galaxy ka la 03 Tshitwe lebaleng la Mbombela mme ka mora moo ba kopane le Orlando Pirates papadi ya makgaolakgang Carling Knockout.
Tebello ke ho bona e bang Ndlondlo ya seng a hlabile dintlha tse tharo dipapading tse tharo tsa Carling o tlaba teng ho kopana le sehlopha sa hae sa mehleng.
BALA HAPE: Mokwetlisi Alexandre Lafitte o etsa nalane ho PSL
