
Hunt le Mabasa ba qala ka leoto le letle ho Stellenbosch
Sehlopha se entseng diphethoho bokwetlising sa Stellenbosch FC se fitile mohwalotso sehlopheng sa Sekhukhune ka 1 – 0 bosiu ba labobedi.
Stellenbosch, sene se etetse Sekhukhune lebaleng la Peter Mokaba e bile e le papadi ya pele tlasa leihlo le matla la mokwetlisi Gavin Hunt.
Sehlopha sena sa Stellenbosch, hasa ba le qalo e ntle ya sehla se hodimo mme ka nako ya kgefutso ya mohope wa AFCON, ke ha sehlopha se arohane le mokwetlisi wa bona wa nako e lelele Steve Barker.
Dihora pele ho papadi, sehlopheng se ntshitse netefaletso ya tekeno ya dibapadi tse tharo le ha tse pedi tsa tsona e tlaba karolo ya sehlopha ka kadimo ho tswa ho Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates ka ho fapana.
Mosa Lebusa, Kobamelo Kodisang le Tshogofatso Mabasa, ke bona dibapadi tse tharo tseo sehlopha se ditekenne ho matlafatsa le ho thusa mokwetlisi Hunt ho inulla sehlopha mathateng.
Ntlha ya Stellenbosch ya tlholo, e hlajowe ke Mabasa eo le yena e leng setlabotjha sehlopheng sena sa the Maroons le ha bolo eo e otlile Daniel Cardoso leotong pele e kena ka letanteng.
Mabasa o ile ka kadimo ya ho fihlela sehla se fihla pheletsong ho tswa sehlopheng sa Orlando eo a e hlabetseng dintlha tse 50.
Tlholo le ntlha ya Mabasa, dinka Stellenbosch le ho sebeha boemong ba 13 ka dintlha tse 15 ka mora dipapadi tse 15 e leng sekgeshana sa dipapadi tse 30 tseo sehlopha setla dibapadi ho Betway Premiership.
BALA HAPE: Papadi ya Kaizer Chiefs le Marumo Gallants e fetolelwa matsatsi
