
Chiefs e phatlalatsa sebapadi sa matjhabatjhaba sa naha ya Tanzania
Sehlopha se melomong ya batho ba bangata sa Kaizer Chiefs, se phatlaladitse tekeno ya sebapadi sa matjhabatjhaba sa naha ya Tanzania.
Chiefs, e tsibisitse ha e tekenne Adolf Mtasingwa Bitegeko hotswa sehlopheng sa Azam FC e bapalang hona Tanzania.
Phatlalatso ena etla ka nako eo sehlopha se satswa kgutlela ka hara naha ka mora ho etsa matsatsi Spain e le ha ba itukisetsa sehla setlang sa dipapadi.
BALA: Dihlopha tsa UAE, Egypt, Morocco le Algeria di’bontsha kgahleho ho Mokwana ya nkgang tsela Tunisia
Bitegeko ke sebapadi se bapalang bohareng ba lebala se tshireletsa [defensive midfielder] mme o dilemo di 27.
Bitegeko eo e bileng mokaptene wa Azam, o kena palong ya dipapadi tse leshongwana ho apara mebala ya Chiefs a tswa dinaheng tsa boahelani mme e ba sebapadi sa pele sa Tanzania ho tekenwa ke Chiefs.
BALA: FIFA e tshepisa ho fuputsa boitshwaro ba dibapadi tsa Argentina
