Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Pirates e mehlaleng ya sebapadi sa Stellenbosch hape

Sehlopha sa Orlando Pirates, se boetse se bontshitse kgahleho ho mohlaba dintlha wa Stellenbosch FC Andre de Jong.

Pirates e ile ya utlwahala e le mehlaleng ya de Jong ha sehla se qala pele thekiso ya dibapadi e kwala empa taba ya teng ya fella moyeng.

Stellenbosch, se ne se ikemiseditse ho kena dipuisanong e le ho utlwa hore de Jong wa tsamaya kapa jwang ba tsebe ho itukisetsa bophelo ntle le yena.

Le ha e bontsha kgahleho ho de Jong, Pirates ke se seng sa dihlopha tse nang le dibapadi tse ngata dibukeng tsa bona mme tse ding tsa tsona ha difumane monyetla wa ho bapala.

Hara dibapadi tse so bonahale sehleng sena ke mohlabaditlha wa bona Tshogofatso Mabasa eo nako e fitileng a hlabetseng sehlopha dintlha tsa bohlokwa le ho kena dibukeng tsa bahlabadintlha ba mantlha ba Pirates.

De Jong o satswa bitsetswa sehlopheng sa naha sa New Zealand mme e bile karolo ya sehlopha se bapetseng dipapadi tsa setswalle.

Qeto ya hae ka nako ya thekiso ya dibapadi e tla itshetleha ntlheng ya ho fumana monyetla wa ho dula a bapala kgafetsa e le ho dula e le karolo ya sehlopha sa naha.

New Zealand, e phunyeletsa ho leba mohopeng wa lefatshe mme e bang de Jong a ka sebetsa ka matla le ho dula a bapala, a ka leba le sehlopha naheng tse kopananeng tsa America selemo setlang.

BALA HAPE: Chiefs le Pirates dimehlaleng ya Matuludi hape