Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos ha thabela ditlhophiso tsa CAF bakeng sa sehlopha sa hae

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o tletlebile ka tsela eo CAF e lokiseditseng sehlopha sa hae dintho ka teng toropong y Rabat.

Bafana Bafana, ba lebile toropong ya Rabat moo batla bapalla dibapadi tse setseng teng ebang ka ba tswelapele ho phunyeletsa.

Broos o ilile ka nako eo sehlopha se enkang ho leba boikwetlisong le hore moo sehlopha se lokela ho ikwetlisetsa moo e leng kampo ya naha ya Morocco.

“Pele ho tsohle ke batla ho bontsha hore ha keya thabela ka moo dintho dileng ka teng. Re nka nako e lelele ho fihla boikwetlisong (±45 minutes). Ho renka hora tse tharo kaofela ho ya, ho ikwetlisa le ho kgutlela morao,” ho realo Broos.

“E bang mohlodi waka o nepahetseng, rona le Cameroon re ikwetlisetsa moo e leng kampo ya sehlopha sa Morroco mme ke batla ke sa utlwisisi qeto eo ya CAF.”

Ha a bua ka papadi ya hosane kgahlano le Cameroon, Broos o hlalositse ha e le motsotso o bohlokwa le papadi e bohlokwa jwalo ka ha a kile a hapa AFCON le Cameroon.

Le ha hole jwalo, Broos o hlalositse ha ke ke a ba le mohao ho bona hoba o tla ho hapa le sehlopha sa hae [Bafana Bafana].

“Ke hapile AFCON le Cameroon empa hosane etlaba pale e fapaneng hobane ke kwetlisa Afrika Boroa empa e tlaba papadi e bohlokwa.”

“Ke batla ke makaditswe ke diphetoho tse teng dibapading tse bapetseng ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe le tse bapalang ha jwale.”

Afrika Boroa e tla nkana le Cameroon papading ya tse 16 tsa ho qetela hosane ka la 04 Pherekgong. Papadi ena etla bapalla lebaleng la Agdal Medina, Rabat ka 21:00 bosiu.

BALA HAPE: Afrika Boroa e hlola Zimbabwe ho fetela mokgahlelong o lateng