
Afrika Boroa e hlolwa papading ya ho ikotlolla
Sehlopha sa naha sa Di’Proteas se bapetse papadi ya ho ikotlolla le naha ya India matsatsi pele ho mohope wa lefatshe.
India, e hlotse Afrika Boroa ka mematho e 30 ka mora ho etsa mematho e 240 makenong a bona mme Afrika Boroa e felle ho 210.
Papadi ena e ne e se ya semmuso empa ke papadi e neng e bontsha maikemisetso le boitukiso ba dihlopha ka bobedi.
Le ha dihlopha ka bobedi disa sebedisa dibapadi tsa bona tse matla, India e qadile papadi ka ho hlasela ka matla le ho sebedisa tsebo ya mabala ho hatella baeti.
Di’Proteas, disokotse maqalong a papadi moo ba otloweng mematho e mengata ka nako e kgutshwane, mme pheletsong ke ha ba ketotse dibapadi tse 6 ka mematho e 240 (240/6) e leng palo e batlang e le hodimo bakeng sa papadi ya T20.
Makenong a bobedi sehlopha se lwanne ho lelekisa mokolokotwane wa India empa ba fella mematho e 210 ho tswile dibapadi tse 6 (210/7).
Hona papading eo, ke moo sebapadi se bileng kantle ka kotsi David Miller (13) a fumaneng monyetla wa ho bapala e le ho lekola e bang o tla kgona ho bapala ha mohope o qala.
Papading ya pele Afrika Boroa e tla tobana le Canada ka la 09 Hlakola. Papading ya bobedi ke moo sehlopha setla tobana le Afghanistan ka la 11 Hlakola.
