
Njabulo Blom o tla dula kantle sehla kaofela
Sebapadi sa mehleng sa ntshetso pele ya Kaizer Chiefs Njabulo Blom, o tla fetwa ke sehla kaofela.
Hoya ka lehlokwana la tsela, Blom ha ngodiswa le dibapadi tse ding tsa sehlopha jwalo ka sebapadi setla bapala mme sena se hlalosa ha atla qeta sehla a dutse kantle.
Sebapadi sena sa bohareng ba lebala, se lebile naheng ya Vietnam sehlopheng sa Nam Dinh ka mora hore sehlopha sa hae sa America se arohane le yena.
Blom o fihlile ho Nam Dinh le ho oka kotsi mme ha aso bapale le motsotso o le mong ka mora ho fihla Vietnam.
Sehlopha sena sebapallwang le ke Percy Tau, se tekenne sebapadi se seng sa ho kwala sekgeo sa Blom mme ba sekwetse ka sebapadi se seng se hlahang kontinenteng ya Afrika.
Ha jwale ha hoso hlake e bang Blom o tla dula sehlopheng sena kapa o tla kopa ho lokolwa le ho ipatlela makgulo a matala sehlopheng se seng.
BALA HAPE: Stellies se tsoha mahlabeng ka batshireletsi ba sekola
